-
1 Marena 4:22Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
22 Lijo tsa Solomone bakeng sa letsatsi le leng le le leng kamehla e ne e le litekanyo tsa kore+ tse mashome a mararo tsa phofo e thumisehileng le litekanyo tsa kore tse mashome a tšeletseng tsa phofo,
-
-
Nehemia 5:17Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
17 Bajuda le batlatsi ba ’musi, banna ba lekholo le mashome a mahlano, le ba tlang ho rōna ba tsoa lichabeng tse neng li re potolohile ba ne ba le tafoleng ea ka.+
-
-
Nehemia 5:18Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
18 Ha e le se neng se lokisitsoe letsatsi le leng le le leng, poho e le ’ngoe, linku tse tšeletseng tse khethiloeng le linonyana li ile tsa lokisoa bakeng sa ka, le veine+ ea mofuta o mong le o mong ka bongata hanngoe ka matsatsi a mang le a mang a leshome. Hammoho le sena ha kea ka ka batla bohobe bo loketseng ’musisi, hobane tšebeletso e holim ’a batho bana e ne e le boima.
-
-
Esthere 1:5Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
5 Ha matsatsi ana a phethahetse, morena a tšoara mokete ka matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba neng ba fumanoa Shushane qhobosheaneng, bakeng sa ba baholo hammoho le ba banyenyane, lebaleng la serapa sa ntlo ea ’muso ea morena.
-