24 Ka hona feela joalokaha mollo o chesa litlhaka+ ’me joang bo omileng bo chesoa ke lelakabe, motso oa bona o tla ba joaloka monko oa ho bola,+ le thunthung ea bona e nyolohe joaloka phofo, hobane ba lahlile molao oa Jehova oa mabotho,+ ’me ba hlompholotse+ polelo ea Mohalaleli oa Iseraele.
20 Ka sebele letsatsing leo ba setseng ba Iseraele+ le ba phonyohileng ba ntlo ea Jakobo ha ba sa tla hlola ba itšetleha ka ea ba otlang,+ ’me ka sebele ba tla itšetleha ka Jehova, Mohalaleli oa Iseraele,+ ka ’nete.+
5 “Etsoe Baiseraele le Bajuda+ ha baa arohanngoa le Molimo oa bona, le Jehova oa mabotho.+ Etsoe naha ea bao e tletse molato ponong ea Mohalaleli oa Iseraele.+
7 Ke tla tsebahatsa lebitso la ka le halalelang har’a sechaba sa ka sa Iseraele, ’me ha ke sa tla hlola ke tlohela hore lebitso la ka le halalelang le hlompholloe;+ ’me lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova,+ Mohalaleli oa Iseraele.’+