18 Ke mang Molimo ea kang uena,+ ea tšoarelang phoso le ea tlohelang tlōlo+ ea masala a lefa la hae?+ Ka sebele a ke ke a tšoarella bohaleng ba hae ka ho sa feleng, etsoe o thabela mosa o lerato.+
29 “Ka hona, kaha re bana ba Molimo,+ ha rea tšoanela ho nahana hore Boleng ba Molimo+ bo joaloka khauta kapa silevera kapa lejoe, joaloka ntho e betliloeng ka tsebo le maqheka a motho.+