18 Ha baa tseba,+ leha e le ho utloisisa,+ kahobane mahlo a bona a tlotsitsoe e le hore a se ke a bona,+ le lipelo tsa bona e le hore li se ke tsa ba le temohisiso.+
14 ’me boprofeta ba Esaia bo phethahala ho bona, bo reng, ‘Ho utloeng, le tla utloa empa ho hang le ke ke la utloisisa; ’me, ho talimeng, le tla talima empa ho hang le ke ke la bona.+
10 A re: “Le nehiloe ho utloisisa liphiri tse halalelang tsa ’muso oa Molimo, empa bakeng sa ba bang kaofela ke ka lipapiso,+ e le hore, le hoja ba talimile, ba ka talimela lefeela ’me, le hoja ba utloa, ba se ke ba utloisisa se boleloang.+
26 o re, ‘E-ea ho batho bana ’me u re: “Ka ho utloa, le tla utloa empa ho hang le se ke la utloisisa; ’me, ho talima, le tla talima empa ho hang le se ke la bona.+