37 “Joale ’na, Nebukadnezare, kea rorisa ’me ke phahamisa le ho tlotlisa Morena oa maholimo,+ hobane mesebetsi ea hae kaofela ke ’nete ’me litsela tsa hae ke toka,+ le hobane ba tsamaeang ka boikakaso o khona ho ba kokobetsa.”+
9 Ke mang ea bohlale, e le hore a ka utloisisa lintho tsee?+ Ea masene, e le hore a ka li tseba?+ Etsoe litsela tsa Jehova li lokile,+ ’me ba lokileng ke bona ba tla tsamaea ho tsona;+ empa batlōli ke bona ba tla khoptjoa ho tsona.+