11 Etsoe joalokaha lefatše le hlahisa lehlōmela la lona, le joalokaha serapa se etsa hore lintho tse jetsoeng ho sona li mele,+ ka mokhoa o tšoanang ’Musi Morena Jehova o tla etsa hore ho mele ho loka+ le thoriso ka pel’a lichaba tsohle.+
9 Ka sebele ho ’na o tla fetoha lebitso la thabo e khaphatsehang,+ thoriso le botle ho lichaba tsohle tsa lefatše tse tla utloa ka molemo oohle oo ke ba fang oona.+ Ka sebele li tla tšoha+ li ferekane+ ka lebaka la molemo oohle le ka lebaka la khotso eohle eo ke o fang eona.’”+
19 Bona! ke nka bohato khahlanong le bohle ba u hlorisang, ka nako eo;+ ke tla pholosa ea hlotsang,+ ’me ke tla phutha ea qhalakantsoeng.+ Ke tla ba beha e le thoriso hape e le lebitso naheng eohle ea lihlong tsa bona.