2 O tla hlaha joaloka lekala+ ka pel’a e mong, le joaloka motso naheng e se nang metsi. Ha a na sebōpeho se nang le seriti, leha e le bokhabane;+ ’me ha re mo bona, ha a na ponahalo e tla etsa hore re mo labalabele.+
“‘Sena ke seo Jehova oa mabotho a se boletseng: “Ke enoa monna+ eo lebitso la hae e leng Lehlōmela.+ O tla hlōmela sebakeng sa hae, ’me ka sebele o tla haha tempele ea Jehova.+
5 Empa e mong oa baholo o re ho ’na: “Khaotsa ho lla. Bona! Tau ea moloko oa Juda,+ motso+ oa Davida,+ e hlōtse+ e le hore e bule moqolo le litiiso tsa oona tse supileng.”
16 “‘’Na, Jesu, ke ile ka romela lengeloi la ka hore le le pakele lintho tsena bakeng sa liphutheho. Ke ’na motso+ le ngoana+ oa Davida, le naleli e khanyang ea hoseng.’”+