8 Ka khoeli ea bohlano ka letsatsi la bosupa la khoeli, ke ho re, ka selemo sa leshome le metso e robong+ sa Morena Nebukadnezare morena oa Babylona, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli, mohlanka oa morena oa Babylona, a tla Jerusalema.+
9 Batho ba bang kaofela ba neng ba setse motseng, le ba koenehileng ba neng ba oetse ka ho eena, le batho ba bang kaofela ba setseng, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli+ a ba isa kholehong Babylona.+
40Lentsoe le ileng la hlaha ho Jeremia le tsoa ho Jehova ka mor’a hore Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a mo late Rama,+ ha a mo nka a ntse a tlamiloe ka mahlaahlela har’a baholehuoa bohle ba Jerusalema le Juda, ba neng ba isoa kholehong Babylona.+