8 Ke tla teana le bona joaloka bere e lahlehetsoeng ke malinyane a eona,+ ’me ke tla hahola se koahetseng lipelo tsa bona. Ke tla ba harola moo joaloka tau;+ sebata sa naha se tla ba rusolla.+
19 feela joalokaha motho a baleha ka lebaka la tau, ’me bere e kopana le eena; le joalokaha a kene ka tlung ’me a tšehelitse letsoho la hae ka lebota, ’me noha e mo loma.+