39 Ha e le ba setseng har’a lōna, ba tla bola+ ka lebaka la liphoso tsa bona linaheng tsa lira tsa lōna. E, esita le ka lebaka la liphoso tsa bo-ntat’a bona,+ ba tla bola le bona.
6 Ka tsoela pele ho re:+ “Molimo oa ka, ke ikutloa ke hlajoa ke lihlong+ ’me ke soabile+ ho phahamisetsa sefahleho sa ka ho uena, Molimo oa ka, etsoe liphoso tsa rōna+ li atile holim ’a lihlooho tsa rōna ’me molato oa rōna o bile moholo esita le ho ea fihla maholimong.+
26 “Leha ho le joalo, ba fetoha ba sa mameleng+ eaba baa u fetohela+ ’me ba ’na ba furalla molao oa hao,+ ba bolaea baprofeta ba hao,+ ba ileng ba paka khahlanong le bona ho ba khutlisetsa ho uena;+ ba tsoela pele ho etsa liketso tse hlomphollang haholo.+
18 “Ruri ke utloile Efraime a itelela,+ ‘U nkhalemetse, e le hore ke khalemeloe,+ joaloka namane e sa koetlisoang.+ Etsa hore ke khutle, ’me hang-hang ke tla khutla,+ etsoe u Jehova Molimo oa ka.+