-
Ezekiele 6:9Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
9 Ka sebele ba phonyohileng ba lōna ba tla nkhopola har’a lichaba tseo ba tla beng ba isitsoe kholehong ho tsona,+ hobane ke utloisitsoe bohloko ke lipelo tsa bona tse etsang bohlola tse suthetseng thōko le ’na+ le mahlo a bona a latelang ka bohlola litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang;+ ka sebele lifahlehong tsa bona ba tla nyonya lintho tse mpe tseo ba li entseng linthong tsohle tsa bona tse manyala.+
-
-
Zakaria 12:10Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
10 “Ke tla tšollela moea oa kamohelo+ le likōpo tse tiileng+ holim ’a ntlo ea Davida le holim ’a baahi ba Jerusalema, ’me ka sebele ba tla talima Eo ba mo hlabileng,+ ’me ka sebele ba tla Mo bokollela joalokaha ho bokolleloa mora ea mong; ho tla ba le sello se bohloko ka lebaka la hae joalokaha ho e-ba le sello se bohloko ka lebaka la mora oa letsibolo.+
-