-
Esaia 5:25Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
25 Ke ka lebaka leo bohale ba Jehova bo tuketseng sechaba sa hae, ’me o tla otlolla letsoho la hae khahlanong le sona a se bolaee.+ Lithaba li tla tsukutleha,+ ’me litopo tsa sona li tla tšoana le lithōle literateng.+
Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.
-
-
Esaia 9:17Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
17 Ke ka lebaka leo Jehova a ke keng a thabela bahlankana ba bona,+ ’me a ke ke a hauhela bashanyana ba bona ba se nang bo-ntate le bahlolohali ba bona; hobane kaofela ha bona ke bakoenehi+ le baetsi ba bobe ’me molomo o mong le o mong o bua ka ho se be le kelello. Ka lebaka la sena sohle bohale ba hae ha boa khutla, empa letsoho la hae le sa ntse le otlolohile.+
-