9 Mosali ea belehang ba supileng o khathetse; moea oa hae o phefumoloha ka thata.+ Letsatsi la hae le liketse e sa ntse e le motšehare;+ o hlabiloe ke lihlong ’me o ikutloa o soabile.’ ‘’Me masala a bona ke tla a nehela sabole ka pel’a lira tsa bona,’+ ho bolela Jehova.”
6 ‘Ka hona le tla ba le bosiu,+ e le hore ho se ke ha e-ba le pono;+ ’me le tla ba le lefifi, e le hore le se ke la sebelisa bonohe. Ka sebele letsatsi le tla likella baprofeta, le motšehare o tla ba fifalla.+
29 “Kapele-pele ka mor’a matšoenyeho a matsatsi ao letsatsi le tla fifala,+ ’me khoeli+ e ke ke ea fana ka leseli la eona, le linaleli li tla oa leholimong, ’me matla a maholimo a tla sisinyeha.+