4 Ka sebele o tla ahlola har’a lichaba+ ’me a lokise litaba+ lichabeng tse ngata.+ Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela.+ Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
7 Ho ke ke ha e-ba le bofelo+ bongateng ba puso ea bohosana+ le khotso, teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae e le ho o tiisa ka thata+ le ho o tšehetsa ka toka+ le ka ho loka,+ ho tloha joale ho isa nakong e sa lekanyetsoang. Cheseho ea Jehova oa mabotho e tla etsa sena.+
18 “Pefo ha e sa tla hlola e utluoa naheng ea heno, tlatlapo kapa thipitlo har’a meeli ea heno.+ Ka sebele u tla bitsa marako a hao Poloko+ le liheke tsa hao Thoriso.
12 hobane ha re loane le nama le mali,+ empa re loana le mebuso,+ le balaoli,+ le babusi ba lefatše+ ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo+ a leng libakeng tsa leholimo.