8 Se boleloang ke ’Musi Morena Jehova, ea bokellang batho ba qhalakantsoeng ba Iseraele,+ ke sena: “Ke tla bokella ho eena ba bang ntle ho batho ba hae ba seng ba bokeletsoe.”+
12 Ho ea ka tlhokomelo ea ea fepang mohlape oa hae+ letsatsing la ha a le ka har’a linku tsa hae tse hasantsoeng hohle,+ ke tsela eo ke tlang ho hlokomela linku tsa ka ka eona; ’me ke tla li lopolla libakeng tsohle tseo li hasantsoeng ho tsona letsatsing la maru le la botšo bo boholo.+
21 “Bua le bona, ‘Sena ke seo ’Musi Morena Jehova a se boletseng: “Bonang! ke nka bara ba Iseraele ho tsoa har’a lichaba tseo ba ileng ho tsona, ’me ke tla ba bokella ho tsoa libakeng tse ba pota-potileng le ho ba tlisa naheng ea bona.+