37 “Ho feta moo, le khaotse ho ahlola, ’me ho hang le ke ke la ahloloa;+ hape khaotsang ho nyatsa, ’me ho hang le ke ke la nyatsuoa. Le ’ne le lokolle, ’me le tla lokolloa.+
2Ka hona, Uena motho,+ ha u na boikemelo, ho sa tsotellehe hore na u mang, haeba u ahlola;+ kaha nthong eo u ahlolang e mong ho eona, ua ikahlola, kaha uena ea ahlolang+ u tloaetse ho etsa lintho tse tšoanang.+
13 Ka hona a re se keng ra hlola re ahlolana,+ empa ho e-na le hoo le etse qeto+ ea hore le se ke la beha khopiso+ kapa sesosa sa ho khoptjoa ka pel’a mor’abo+ lōna.
5 Kahoo le se ke la ahlola+ letho pele ho nako e loketseng, ho fihlela Morena a fihla,+ ea tla tlisa lintho tsa sephiri tsa lefifi leseling+ ’me a bonahatse merero ea lipelo,+ ’me joale e mong le e mong o tla fumana thoriso ea hae e tlang ho eena e tsoa ho Molimo.+