64 Jesu a re+ ho eena: “Ke uena ea boletseng joalo.+ Empa leha ho le joalo ke re ho lōna, Ho tloha joale ho ea pele+ le tla bona Mor’a motho+ a lutse ka letsohong+ le letona la matla ’me a tla ka maru a leholimo.”+
33 Ka hona ka lebaka la hore o ile a phahamisetsoa ka letsohong le letona la Molimo+ ’me a amohela moea o halalelang o tšepisitsoeng o tsoang ho Ntate,+ o tšolotse sena seo le se bonang le ho se utloa.
55 Empa eena, a tletse moea o halalelang, a talima leholimong ’me a re heli! eaba o bona khanya ea Molimo le ea Jesu a eme ka letsohong le letona+ la Molimo,
34 Ke mang ea tla ahlola? Kreste Jesu ke eena ea ileng a shoa, e, ha e le hantle ke eena ea ileng a tsosoa bafung, ea ka letsohong le letona+ la Molimo, eo hape a re kōpelang ka tieo.+
3Leha ho le joalo, haeba le ile la tsosoa+ le Kreste, le tsoele pele le batla lintho tse holimo,+ moo Kreste a lutseng ka letsohong le letona la Molimo.+
3 Ke ponahatso ea khanya+ ea hae le setšoantšo se nepahetseng hantle sa boleng+ ba hae, ’me o boloka lintho tsohle ka lentsoe la matla+ a hae; ka mor’a hore a etse tlhoekiso bakeng sa libe+ tsa rōna o ile a lula ka letsohong le letona+ la Ea Boholo bo Hlomphehang libakeng tse phahameng.+