11 ’Na, ke le kolobetsa ka metsi+ ka lebaka la pako+ ea lōna; empa ea tlang+ ka mor’a ka o matla ho mpheta, eo ke sa tšoaneleheng ho mo rōlisa+ meqathatso. Eo o tla le kolobetsa ka moea o halalelang+ le ka mollo.+
33 Esita le ’na ke ne ke sa mo tsebe, empa Ea nthometseng+ ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho ’na, ‘Mang kapa mang eo u bonang moea o theohela holim ’a hae ’me o lula, enoa ke eena ea kolobetsang ka moea+ o halalelang.’
45 Ba tšepahalang ba neng ba tlile le Petrose bao e neng e le ba ba bolotseng ba makala, hobane mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang e ne e ntse e tšolleloa le holim ’a batho ba lichaba.+
13 Etsoe kannete ka moea o le mong bohle re ile ra kolobetsoa+ ho kena ’meleng o le mong, ebang re Bajuda kapa re Bagerike, ebang re makhoba kapa re lokolohile, ’me bohle re ile ra noesoa+ moea o le mong.