3 Joale Moshe a tla eaba o phetela sechaba mantsoe ’ohle a Jehova le liqeto tsohle tsa boahloli,+ ’me sechaba sohle sa araba ka lentsoe le le leng sa re: “Mantsoe ’ohle ao Jehova a a buileng re ikemiselitse ho a phetha.”+
38 Enoa ke eena+ ea ileng a ba har’a phutheho+ lefeelleng a e-na le lengeloi+ le ileng la bua le eena Thabeng ea Sinai hammoho le baholo-holo ba rōna, ’me a amohela liphatlalatso+ tse phelang tse halalelang hore a le fe tsona.
19 Joale, Molao o bile teng hobane’ng? O ile oa eketsoa ho bonahatsa+ litlōlo, ho fihlela ho ka fihla+ peō eo tšepiso eo e neng e entsoe ho eona; ’me o ile oa fetisoa ka mangeloi+ ka letsoho la mokena-lipakeng.+