23 Kahoo a tsoela pele ho re ho bona: “Lōna le tsoa libakeng tse tlaase; ’na ke tsoa libakeng tse holimo.+ Lōna le tsoa lefatšeng+ lena; ’na ha ke tsoe lefatšeng+ lena.
19 Haeba le ne le le karolo ea lefatše, lefatše le ka be le rata sa lona.+ Joale kahobane ha le karolo ea lefatše,+ empa ke le khethile lefatšeng, ka lebaka lena lefatše le le hloile.+
4 Basali ba bafebi,+ na ha le tsebe hore setsoalle le lefatše ke bora ho Molimo?+ Ka hona, mang kapa mang ea batlang ho ba motsoalle+ oa lefatše o iketsa sera sa Molimo.+