11 eaba o tla ho rōna ’me o nka senyepa sa Pauluse, o itlama maoto le matsoho ’me o re: “Moea o halalelang o bolela tjena, ‘Monna eo senyepa sena e leng sa hae Bajuda ba tla mo tlama+ ka mokhoa ona Jerusalema ’me ba nehelane+ ka eena matsohong a batho ba lichaba.’”
23 Na ke basebeletsi ba Kreste? Ke araba joaloka lehlanya, ke eena ka ho hlaheletseng haholo:+ mesebetsing hangata haholo,+ lichankaneng hangata haholo,+ ho otloeng ka ho fetisisang, makhatheng a lefu hangata.+
24 Joale kea thaba litlhokofatsong tsa ka ka lebaka la lōna,+ ’me ke tlatselletsa se haellang matšoenyehong+ a Kreste nameng ea ka bakeng sa ’mele oa hae, oo e leng phutheho.+
12 Ka lebaka lena ke boetse ke utloisoa bohloko+ ke lintho tsena, empa ha ke lihlong.+ Etsoe ke tseba eo ke mo lumetseng, ’me ke kholisehile hore o khona ho lebela+ seo ke se behileng tlhokomelong ea hae ho fihlela ka letsatsi leo.+