-
Numere 15:21Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
21 Tse ling tsa litholoana tsa pele tsa lithollo tsa lōna tse haitsoeng le lokela ho fana ka tsona e le monehelo ho Jehova melokong eohle ea lōna.
-
-
Nehemia 10:37Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
37 Hape, re lokela ho tlisa litholoana tsa pele tsa lithollo tsa rōna tse haitsoeng+ le menehelo ea rōna+ le litholoana tsa sefate+ sa mofuta o mong le o mong, veine e ncha+ le oli+ ho baprista liholong tsa ho jela+ tsa ntlo ea Molimo oa rōna, le karolo ea leshome e tsoang mobung oa rōna ho Balevi,+ kaha Balevi, ke bona ba amohelang karolo ea leshome metseng eohle ea rōna ea temo.
-
-
Ezekiele 44:30Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang
-
-
30 Tsa pele litholoaneng tsohle tsa pele tse butsoitseng tsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe le monehelo o mong le o mong oa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang menehelong eohle ea lōna—e tla ba tsa baprista;+ ’me litholoana tsa pele tsa lithollo tsa lōna tse haitsoeng le lokela ho li fa moprista,+ e le ho etsa hore tlhohonolofatso e lule holim ’a ntlo ea lōna.+
-