30 Ho feta moo, bao a ileng a ba khetha esale pele+ ke bona bao hape a ileng a ba bitsa;+ bao a ileng a ba bitsa ke bona bao hape a ileng a bolela hore ba lokile.+ Qetellong bao a ileng a bolela hore ba lokile ke bona bao hape a ileng a ba tlotlisa.+
9 O ile a re pholosa+ ’me a re bitsa ka pitso+ e halalelang, eseng ka lebaka la mesebetsi+ ea rōna, empa ka lebaka la morero le mosa oa hae o sa tšoanelang. Re ile ra fuoa sena mabapi le Kreste Jesu pele ho linako tse tšoarellang halelele,+