28 Feela joalokaha ba sa ka ba amohela ho ela Molimo hloko ka tsebo e nepahetseng,+ Molimo o ba neheletse boemo ba kelello+ bo sa amoheleheng, hore ba etse lintho tse sa lokelang,+
21 Joale, litholoana+ tseo le neng le e-ba le tsona ka nako eo e ne e le life? Ke lintho+ tseo joale le leng lihlong ka tsona. Etsoe pheletso ea lintho tseo ke lefu.+
17 Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaea feela joalokaha lichaba+ le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello+ tsa tsona,
3 Etsoe le rōna re kile ra ba ba se nang kelello, ba sa mameleng, re khelosoa, re le makhoba a litakatso tse sa tšoaneng le menyaka e sa tšoaneng, re tsoela pele ka bobe le mohono, re nyonyeha, re hloeane.+