7 La pele la letsa terompeta ea lona. Ha e-ba le sefako le mollo+ o tsoakaneng le mali, ’me tsa liheloa lefatšeng; karolo ea boraro ea lefatše ea cha,+ le karolo ea boraro ea lifate ea cha, le limela+ tsohle tse tala tsa cha.
8 Lengeloi la bobeli la letsa terompeta ea lona. Ho hong ho joaloka thaba+ e khōlō e tukang mollo ha liheloa ka leoatleng.+ Karolo ea boraro ea leoatle ea fetoha mali;+
10 Lengeloi la boraro la letsa terompeta ea lona. Naleli e khōlō e tukang joaloka lebone ea oa leholimong,+ ’me ea oela holim ’a karolo ea boraro ea linōka le holim ’a liliba tsa metsi.+
12 Lengeloi la bone la letsa terompeta ea lona. Karolo ea boraro ea letsatsi ea otloa le karolo ea boraro ea khoeli le karolo ea boraro ea linaleli, e le hore karolo ea boraro ea tsona e ka fifala+ ’me motšehare o se ke oa e-ba le khanya karolong ea boraro+ ea oona, le bosiu ka ho tšoanang.
9Lengeloi la bohlano la letsa terompeta ea lona.+ Ka bona naleli+ e neng e oetse lefatšeng e tsoa leholimong, ’me ea fuoa senotlolo+ sa sekoti sa mohohlo.+
15 Lengeloi la bosupa la letsa terompeta ea lona.+ Ha e-ba le mantsoe a phahameng leholimong, a re: “’Muso oa lefatše o fetohile ’muso oa Morena+ oa rōna le oa Kreste+ oa hae, ’me o tla busa e le morena ka ho sa feleng le kamehla.”+