8 empa le tla amohela matla+ ha moea o halalelang o fihla holim ’a lōna, ’me le tla ba lipaki+ tsa ka Jerusalema+ le Judea le Samaria+ kaofela le ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.”+
8 Ka hona u se ke ua hlajoa ke lihlong ka bopaki bo mabapi le Morena oa rōna,+ leha e le ka ’na motšoaruoa ka lebaka+ la hae, empa u be le karolo ho utloisoeng bohloko+ ke bobe bakeng sa litaba tse molemo ho ea ka matla a Molimo.+
9 ’Na Johanne, mor’abo lōna le ea kopanelang le lōna matšoenyehong+ le ’musong+ le mamellong+ hammoho le Jesu,+ ke ile ka ba sehlekehlekeng se bitsoang Patmose ka lebaka la ho bua ka Molimo le ho paka ka Jesu.+
10 Eaba ke itihela fatše ka pel’a maoto a lona ho le rapela.+ Empa lea mpolella: “Hlokomela! U se ke ua etsa joalo!+ Ke mpa feela ke le lekhoba-’moho le uena le barab’eno ba nang le mosebetsi oa ho pakela Jesu.+ Rapela Molimo;+ kaha ho paka Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.”+