-
Genese 41:5-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 A robala hape ’me a ba le toro ea bobeli. Ho ne ho e-na le liqoapi tse supileng tsa koro* lehlakeng le le leng, li le ntle ebile li le tenya.+ 6 Ka mor’a tsona ha hlaha liqoapi tse supileng tsa koro, tse tšesaane ebile li chesitsoe ke moea oa bochabela. 7 Liqoapi tse tšesaane tsa koro tsa koenya liqoapi tse supileng tse ntle tse tenya. Faro a tsoha ’me a hlokomela hore o ne a ntse a lora.
-