10 Haeba motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa molichaba ea lulang le lona a ja mali+ a ntho leha e le efe, ke tla mo halefela ’me ke tla mo bolaea har’a batho ba habo.
13 Haeba e mong oa Baiseraele kapa molichaba ea itseng ea lulang le lona a tsoma ’me a tšoasa phoofolo e hlaha kapa nonyana e ka jeoang, a ntše mali a eona+ ’me a a koahele ka mobu.
11 Etsoe bophelo bo maling+ ’me ke fane ka ’ona aletareng+ hore le iketsetse sehlabelo sa ho tšoareloa libe hobane ka lebaka la bophelo bo ho ’ona, mali a koahela libe.+
14 Bophelo ba nama ea mofuta o mong le o mong ke mali a eona kaha bophelo bo maling. Ke ka lebaka leo ke itseng ho Baiseraele: “Le se ke la ja mali a nama ea mofuta leha e le ofe hobane bophelo ba nama ea mofuta leha e le ofe ke mali a eona. Mang kapa mang ea a jang o tla felisoa.”+
20 empa ba ngolloe hore ba qobe lintho tse amanang le melimo ea litšoantšo,+ boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ liphoofolo tse fenethiloeng* le mali.+
29 Le qobe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo,+ mali,+ lintho tse fenethiloeng*+ le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.*+ Haeba le qoba lintho tsena le tla atleha. Salang ka khotso.”*
25 Barutuoa ba tsoang lichabeng bona re ba romeletse lengolo ra ba bolella qeto ea rona ea hore ba qobe lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo,+ mali,+ lintho tse fenethiloeng*+ le boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano.”*+