18 Ba tla mamela lentsoe la hao+ ’me uena le baholo ba Iseraele le tla ea ho morena oa Egepeta le re ho eena: ‘Jehova Molimo oa Baheberu+ o buile le rona. Re kopa u re lumelle re tsamaee leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng e le hore re ka etsetsa Jehova Molimo oa rona sehlabelo.’+
3 Empa ba re: “Molimo oa Baheberu o buile le rona. Re kopa u re lumelle hore re tsamaee leeto la matsatsi a mararo re ee lefeelleng re e’o etsetsa Jehova Molimo oa rona sehlabelo,+ ho seng joalo o tla re bolaea ka boloetse kapa ka sabole.”