-
Deuteronoma 11:3, 4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Ha baa ka ba bona lipontšo tsa hae le liketso tsa hae tseo a li entseng Egepeta ho Faro morena oa Egepeta le naheng eohle ea hae+ 4 kapa seo a se entseng ho masole a Egepeta, ho lipere tsa Faro le likariki tsa ntoa, tse ileng tsa koaheloa ke metsi a Leoatle le Lefubelu ha a ntse a le lelekisa ’me Jehova a a felisa ka ho feletseng.+
-
-
Joshua 24:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Ha ke ntša bo-ntate ba lona Egepeta+ ’me ba fihla leoatleng, Baegepeta ba ile ba lelekisa bo-ntate ba lona ka likariki tsa ntoa le banna ba palameng lipere ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu.+ 7 Ba hoeletsa ho Jehova.+ Kahoo, ka beha lefifi pakeng tsa bona le Baegepeta ’me ka tlisa leoatle holim’a bona ’me la ba koahela+ eaba mahlo a lona a bona seo ke se entseng Egepeta.+ Le ile la lula lefeelleng ka lilemo tse ngata.*+
-
-
Nehemia 9:10, 11Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Eaba u etsa lipontšo le mehlolo tse otlang Faro le bahlanka bohle ba hae le batho bohle ba naha ea hae+ kaha u ne u tseba hore ba ile ba hlorisa batho ba hao.+ U tsebahalitse lebitso la hao ’me le ntse le tsebahala le kajeno.+ 11 Oa arola leoatle ka pel’a bona ’me ba tšela har’a lona moo ho ommeng+ eaba u lahlela batho ba ba lelekisang botebong ba leoatle joaloka lejoe le lahleloang maqhubung a matla.+
-
-
Pesaleme 78:53Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Leoatle le ile la koahela lira tsa bona.+
-