-
Deuteronoma 5:7-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Le ka mohla u se ke oa rapela melimo e meng ntle ho ’na.+
8 U se ke oa iketsetsa setšoantšo+ kapa ntho leha e le efe e tšoanang le ntho e holimo maholimong kapa e tlase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. 9 U se ke oa li inamela kapa oa li sebeletsa+ hobane ’na Jehova Molimo oa hao, ke Molimo ea batlang hore batho ba inehele ho ’na feela,+ ea fanang ka kotlo ho bara ka lebaka la liphoso tsa bo-ntat’a bona, ho moloko oa boraro le moloko oa bone oa ba ntlhoileng.+ 10 Empa ke bontša mosa* melokong e sekete ea ba nthatang ’me ba mamela litaelo tsa ka.
-