-
Exoda 31:13, 14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 “Bua le Baiseraele ’me u re, ‘Ka holim’a lintho tsohle, le boloke lisabatha tsa ka+ kaha ke pontšo ea selekane* seo ke se entseng le lona melokong ea lona e le hore le tsebe hore ’na Jehova kea le halaletsa. 14 Le boloke Sabatha hobane ke ntho e halalelang ho lona.+ Motho ea e hlomphollang o lokela ho bolaoa. Motho ea tla sebetsa ka letsatsi leo, a bolaoe.+
-
-
Deuteronoma 5:12-14Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Boloka letsatsi la Sabatha ’me u le nke le halalela feela joalokaha Jehova Molimo oa hao a u laetse.+ 13 U etse mosebetsi oohle oa hao ka matsatsi a tšeletseng+ 14 empa letsatsi la bosupa ke sabatha ea Jehova Molimo oa hao.+ U se ke oa etsa mosebetsi leha e le ofe,+ ebang ke uena, mora oa hao, morali oa hao, lekhoba la hao la monna kapa la mosali, poho ea hao, tonki ea hao, phoofolo ea hao e ruiloeng kapa molichaba oa hao ea lulang motseng* oa hao,+ e le hore lekhoba la hao la monna le la mosali le ka phomola joaloka uena.+
-