Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 22:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Ke sona feela seaparo sa hae. Ke seaparo sa hae se koahelang ’mele* oa hae. O tla robala ka eng?+ Ke tla mo utloa ha a llela ho ’na kaha ke na le kutloelo-bohloko.*+

  • 2 Likronike 30:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ha le ka khutlela ho Jehova, batho ba tšoereng bana ba bo lona le bana ba lona ba tla ba hauhela,+ ba ba lumelle ho khutlela naheng ena+ hobane Jehova Molimo oa lona o na le kutloelo-bohloko ebile o mohau.+ A ke ke a le furalla haeba le khutlela ho eena.”+

  • Nehemia 9:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ba ile ba hana ho mamela,+ ba lebala liketso tsa hao tse hlollang tseo ba ileng ba bona ha u li etsa. Ba e-ba manganga* ’me ba khetha moeta-pele hore ba khutlele bokhobeng ba bona Egepeta.+ Empa kaha u Molimo ea ikemiselitseng ho tšoarela,* ea utloelang batho bohloko le ea mohau,* ea liehang ho halefa le ea lerato,*+ ha oa ka oa ba lahla.+

  • Pesaleme 86:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Empa uena Jehova, u Molimo ea mohau, ea nang le kutloelo-bohloko,*

      Ea liehang ho halefa, ea lerato le ea tšepahalang.*+

  • Joele 2:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Le bontše hore le soabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola liaparo tsa lona feela,+

      Khutlelang ho Jehova Molimo oa lona

      Hobane o na le kutloelo-bohloko,* o mohau, o lieha ho halefa+ ’me o lerato,*+

      O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela