Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Matheu 26:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 kaha veine ena e emela mali+ a ka e leng ‘mali a selekane,’+ a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata+ hore ba tšoareloe libe.+

  • Baroma 3:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Molimo o ile a fana ka Jesu e le nyehelo+ e le hore re ka khutlela ho eena ka hore re bontše tumelo maling a Jesu.+ O entse joalo e le hore a bonahatse ho loka ha hae hobane a ne a bontša hore o na le mamello ka ho tšoarela libe tse entsoeng nakong e fetileng.

  • Baroma 5:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Kaha joale re nkoa re lokile ka lebaka la mali a Jesu,+ re ka kholiseha le ho feta hore re tla pholosoa khalefong ea Molimo.+

  • Baefese 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Re lopolotsoe sebeng hobane mora oa hae o ile a re patalla ka mali a hae.+ Ka hona, re tšoareloa libe+ ka lebaka la mosa o moholo oa Molimo.

  • Baheberu 9:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ho ea ka Molao, hoo e ka bang lintho tsohle li hloekisoa ka mali+ ’me libe li ke ke tsa tšoareloa ha mali a sa tšolohe.+

  • Baheberu 13:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Kahoo, Jesu le eena o ile a hlokofatsoa a le ka ntle ho motse*+ e le hore a ka halaletsa batho ka mali a hae.+

  • 1 Petrose 1:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Molimo Ntate oa rona o ile a le khetha hobane a rerile esale pele.+ O ile a le khetha ka ho le halaletsa ka moea o halalelang+ e le hore le mo mamele, a ba a le hloekisa ka mali a Jesu Kreste.+

      E se eka Molimo a ka le bontša mosa* o mongata a be a le fe le khotso e ngata.

  • 1 Johanne 1:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 7 Leha ho le joalo, haeba re tsamaea leseling joalokaha le eena a le leseling, re fela re momahane ’me mali a Mora oa hae Jesu a re hloekisa sebeng sohle.+

  • Tšenolo 1:5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Hape e se eka Jesu Kreste a ka le bontša mosa le ho le fa khotso. Ke “Paki e Tšepahalang,”+ “oa pele ho ba tsositsoeng bafung”+ le “’Musi oa marena a lefatše.”+

      Jesu oa re rata+ hape o re lokolotse libeng tsa rona ka mali a hae,+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela