-
Deuteronoma 18:10-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi, ea batlang keletso ho mang kapa mang ea reng o buisana le balimo,+ ea reng o bolela liketsahalo esale pele*+ kapa ea botsang bafu.+ 12 Mang kapa mang ea etsang lintho tsena oa nyonyeha ho Jehova. Ka lebaka la ho etsa lintho tsena tse nyonyehang, Jehova Molimo oa lona o lelekela lichaba tseo hole le lona.
-
-
Esaia 8:19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Haeba ba ka re ho lona: “Botsang batho ba reng ba buisana le bafu kapa ba reng ba bolela liketsahalo esale pele* ba hoeshetsang le ba buelang ka marameng,” na le tla be le nepa ha le etsa joalo? Na batho ha baa lokela ho botsa Molimo oa bona? Na ba lokela ho botsa batho ba shoeleng molemong oa batho ba phelang?+
-