-
2 Likronike 2:4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Ke haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la Jehova Molimo oa ka hore ke nehelane ka eona ho eena. Ke moo ho tla chesetsoa libano tse nkhang hamonate+ ka pel’a hae le moo ho tla behoa bohobe+ le moo ho tla etsetsoa linyehelo tsa secheso teng hoseng le mantsiboea,+ ka lisabatha,+ ha khoeli e qala+ le ka linako tsa mokete+ tsa Jehova Molimo oa rona. Ena ke ntho eo Baiseraele ba lokelang ho lula ba e etsa.
-
-
Nehemia 10:32, 33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
32 Hape, e mong le e mong oa rona a itlama ka boikarabelo ba hore o tla fana ka likramo tse ka bang ’nè tsa silevera* selemo le selemo bakeng sa tšebeletso ea ntlo* ea Molimo oa rona,+ 33 bakeng sa bohobe,*+ nyehelo ea lijo* ea kamehla,+ nyehelo ea secheso ea kamehla ea Lisabatha+ le ea ha likhoeli li qala+ le bakeng sa mekete e ketekoang ka nako e itseng,+ bakeng sa lintho tse halalelang, bakeng sa linyehelo tsa libe+ e le ho koahela libe tsa Iseraele le bakeng sa mosebetsi oohle oa ntlo ea Molimo oa rona.
-