Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 41:51, 52
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 51 Josefa a reha mora oa hae oa letsibolo Manase*+ hobane o ile a re: “Molimo o ntebalitse mathata ’ohle a ka le ntlo ea Ntate.” 52 Mora oa bobeli a mo reha Efraime*+ hobane o ile a re: “Molimo o mphile bana naheng ea matšoenyeho a ka.”+

  • Genese 46:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Asnathe+ morali oa Potifera moprista oa One* o ile a tsoalla Josefa bara, e leng Manase+ le Efraime+ naheng ea Egepeta.

  • Genese 48:17-19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ha Josefa a bona hore ntate oa hae o ntse a behile letsoho le letona hloohong ea Efraime, a se ke a thabela seo eaba o leka ho tlosa letsoho la ntate oa hae hloohong ea Efraime ho le isa hloohong ea Manase. 18 Josefa a re ho ntate oa hae: “Ntate u etsa phoso, letsibolo ke Manase.+ Beha letsoho la hao le letona hloohong ea hae.” 19 Ntate oa hae a ’na a hana a re: “Kea tseba mora oa ka, kea tseba. Le eena e tla ba sechaba ’me le eena o tla ba moholo. Empa ngoan’abo e monyenyane o tla ba moholo ho eena+ ’me bana* ba hae ba tla lekana le lichaba.”+

  • Numere 2:18, 19
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Sehlopha sa maloko a mararo sa litente tsa Efraime se be ka bophirimela ho ea ka lihlopha tsa sona.* Khosana ea bara ba Efraime ke Elishama+ mora oa Amihude. 19 Ba ngolisitsoeng lebothong la hae ke ba 40 500.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1986-2025)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela