26 Haeba re tloaela ho etsa sebe ka boomo ka mor’a hore re fumane tsebo ea ’nete,+ ha ho sa na sehlabelo se seng se tla nyeheloa bakeng sa libe tsa rona.+ 27 Ho tla be ho se ho setse feela hore re emele kahlolo e tšosang le bohale bo tukang ba Molimo bo tla bolaea batho ba mo hanyetsang.+