-
1 Marena 10:4-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Ha mofumahali oa Sheba a bona kamoo Solomone a leng bohlale kateng,+ a bona ntlo eo a e hahileng,+ 5 lijo tse tafoleng ea hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba lutseng ka eona, basebeletsi ba hae ba fanang ka lijo tafoleng le tsela eo ba apereng ka eona, baqhatsetsi ba hae le mahlabelo a hae a secheso ao a neng a a etsa kamehla ntlong ea Jehova, a sala a maketse. 6 A re ho morena: “Bohlale ba hao le lintho tseo u li entseng tseo ke li utloileng naheng ea heso ke ’nete. 7 Ke ne ke sa kholoe ho fihlela ke tla ’me ke li bona ka mahlo a ka. Ke ne ke sa bolelloa lintlha kaofela. Empa bohlale le tsela eo u atlehileng ka eona li feta hole lintho tseo ke li utloetseng.
-
-
Daniele 1:19, 20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Ha morena a bua le bona, sehlopheng sohle sa bona ho ne ho se na ea tšoanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.+ Ba ile ba sala ’me ba sebeletsa morena. 20 Ha morena a ba botsa ka litaba tse hlokang bohlale le kutloisiso, o ile a hlokomela hore bohlale ba bona bo feta ba baprista bohle ba maselamose le linohe+ tse pusong ka makhetlo a leshome.
-