Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 23:12, 13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Empa haeba le ka furalla Molimo la khomarela lichaba tsena tse setseng+ le lona la ba la nyallana+ le tsona le ho itsoakanya le tsona, 13 le tsebe hore Jehova Molimo oa lona a ke ke a tsoela pele ho leleka lichaba tsena bakeng sa lona.+ Lichaba tsena e tla ba sefi le leraba le sephali se le otlang ka mahlakoreng+ ’me e be meutloa ka mahlong a lona ho fihlela le felisitsoe naheng ena e ntle eo Jehova Molimo oa lona a le fileng eona.

  • 1 Marena 11:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Morena Solomone o ne a rata basali ba balichaba+ e leng ba Bamoabe,+ ba Baamone,+ ba Baedomo, ba Basidone+ le ba Bahethe+ ho akarelletsa le morali oa Faro.+ 2 Ba ne ba tsoa lichabeng tseo Jehova a neng a itse ka tsona ho Baiseraele: “Le se ke la ikopanya le tsona ’me le tsona li se ke tsa ikopanya le lona* hobane li tla le susumeletsa* hore le sebeletse melimo ea tsona.”+ Empa Solomone o ne a ba rata haholo.

  • Esdrase 9:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ba nkile ba bang ba barali ba bona hore e be basali ba bona ’me ba ba nkela le bara ba bona.+ Joale bona e leng litloholo* tse halalelang,+ ba tsoakane le batho ba linaha tsena.+ Likhosana le batlatsi ba babusi ke bona ba tlolang molao le ba sa tšepahaleng ho feta batho ba bang kaofela.”

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela