-
Deuteronoma 12:2, 3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Le felise libaka tsohle tseo lichaba tseo le tla li leleka li neng li sebeletsa melimo ea tsona ho tsona+ ebang ke lithabeng tse telele kapa maralleng kapa tlas’a sefate leha e le sefe se setle se setala. 3 Le lihe lialetare tsa tsona, le pshatle lipilara tsa tsona tse halalelang,+ le chese lipalo* tsa tsona tse halalelang mollong hape le pshatle litšoantšo tse betliloeng tsa melimo ea tsona+ ’me le felise mabitso a tsona sebakeng seo.+
-