-
Joshua 2:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 A re ho bona: “Kea tseba hore Jehova o tla le fa naha ena+ hape re le tšaba haholo.+ Baahi bohle ba naha ba nyahame ka lebaka la lona+ 10 hobane re utloile kamoo Jehova a ileng a le bulela tsela e ommeng Leoatleng le Lefubelu ha le ne le tsoa Egepeta.+ Hape re utloile le seo le ileng la se etsa ho marena a mabeli a Baamore e leng Sihone+ le Oge,+ ao le ileng la a felisa ka lehlakoreng* lane la Jordane.
-
-
Joshua 5:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 Hang ha marena ’ohle a Baamore+ a neng a le ka lehlakoreng le ka bophirimela la Jordane* le marena ’ohle a Bakanana+ a neng a le haufi le leoatle a utloa hore Jehova o entse hore metsi a Jordane a khaotse ho phalla ka pel’a Baiseraele ho fihlela ba tšetse, a ile a tšoha ’me a nyahama haholo+ ka lebaka la Baiseraele.+
-