Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 18:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Le se ke la itšoara ka mokhoa oo batho ba itšoarang ka oona naheng ea Egepeta moo le neng le lula teng ’me le se ke la etsa lintho tseo ba li etsang naheng ea Kanana, moo ke le isang teng.+ Le se ke la etsa lintho tseo ba li etsang.

  • Levitike 18:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 U se ke oa fana* ka ngoana oa hao ho Moloke.+ U se ke oa hlompholla lebitso la Molimo oa hao ka tsela eo.+ Ke ’na Jehova.

  • Levitike 20:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “U re ho Baiseraele, ‘Motho leha e le ofe oa Iseraele le molichaba ea lulang Iseraele ea fanang ka ngoana oa hae ho Moloke, a bolaoe.+ Batho ba naha ba mo tlepetse ka majoe ho fihlela a shoa.

  • Deuteronoma 18:10-12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Har’a lona ho se ke ha e-ba le motho leha e le ofe ea etsang sehlabelo ka ho chesa ngoana oa hae,+ ea sebelisang bonohe,+ ea sebelisang boselamose,+ ea batlang lipontšo tsa se tlang,+ moloi,+ 11 ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi, ea batlang keletso ho mang kapa mang ea reng o buisana le balimo,+ ea reng o bolela liketsahalo esale pele*+ kapa ea botsang bafu.+ 12 Mang kapa mang ea etsang lintho tsena oa nyonyeha ho Jehova. Ka lebaka la ho etsa lintho tsena tse nyonyehang, Jehova Molimo oa lona o lelekela lichaba tseo hole le lona.

  • Jeremia 32:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ho feta moo, ba hahile libaka tse phahameng tsa Baale Khohlong ea Mora oa Hinome*+ e le hore ba chese bara le barali ba bona e le mahlabelo a etsetsoang Moloke+ e leng ntho eo ke neng ke sa ba laela eona.+ Ha ho mohla nkileng ka nahana* hore ba etse ntho ena e nyonyehang ebe ba etsa hore Juda e etse sebe.’

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela