Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Numere 33:55
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 55 Leha ho le joalo, haeba le sa leleke baahi ba naha eo ka pel’a lona,+ bao le ba lumellang hore ba phele le lona, ba tla ba joaloka ntho e fahlang ka mahlong a lona le meutloa ’meleng ea lona* ’me ba tla le tšoenya naheng eo le tla lula ho eona.+

  • Baahloli 1:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ho feta moo, banna ba Juda ba loantša Jerusalema+ ’me ba e hapa, ba loantša baahi ba eona ka sabole ’me ba chesa motse.

  • Baahloli 1:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Empa Babenjamine ha baa ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema. Bajebuse ba ntse ba lula le Babenjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+

  • Baahloli 19:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ha ba le haufi le Jebuse ho ne ho se ho e-ba lefifi. Kahoo, mohlanka a re ho mong’a hae: “Re eme moo motseng oa Bajebuse ’me re robaletse teng?”

  • 2 Samuele 5:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Morena le banna ba hae ba ea Jerusalema ho ea loantša Bajebuse+ ba neng ba lula naheng eo. Ba ne ba nyefola Davida ba re: “U ke ke oa kena mona! Esita le lifofu le ba holofetseng ba tla u leleka.” Ba ne ba nahana hore Davida a ke ke a hapa motse oo.+

Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ea Tšebeliso
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela