-
Levitike 26:3-12Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
3 Haeba le tsoela pele ho latela litaelo tsa ka ’me le li phetha,+ 4 ke tla le nesetsa pula ka nako ea eona+ ’me naha e tla fana ka lihlahisoa tsa eona+ le lifate tsa naha li fane ka litholoana tsa tsona. 5 Nako ea lona ea ho pola e tla tsoela pele ho fihlela nako ea ho kotula morara e fihla. Nako ea ho kotula morara e tla tsoela pele ho fihlela nako ea ho jala e fihla. Le tla ja bohobe ba lona hore le khore ’me le tla lula le sireletsehile naheng ea lona.+ 6 Ke tla etsa hore ho be le khotso naheng ea lona+ ’me ha ho na motho ea tla le tšosa+ ha le robetse. Ke tla felisa liphoofolo tse hlaha tse kotsi ’me ha ho na motho ea tla le loantša. 7 Le tla lelekisa lira tsa lona ’me le tla li bolaea ka sabole. 8 Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba 100 ’me ba 100 ba lona ba lelekise ba 10 000 ’me le tla bolaea lira tsa lona ka sabole.+
9 Ke tla le hlohonolofatsa* ’me ke etse hore le ngatafale.+ Ke tla boloka selekane sa ka le lona.+ 10 Ha le ntse le ja lihlahisoa tsa selemo se fetileng, le tla lokela ho li lahla e le hore tse ncha li be le sebaka. 11 Ke tla beha tabernakele ea ka har’a lona+ ’me nke ke ka le lahla. 12 Ke tla ba le lona, ke be Molimo oa lona+ ’me le tla ba sechaba sa ka.+
-