Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 22:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke sebelitse ka thata ho lokisetsa ntlo ea Jehova khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimo ho limilione tse tharo,* silevera ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimo ho limilione tse 34* le koporo le litšepe tse ngata+ hoo li sa khoneng ho bekhoa. Ke boetse ke lokisitse lifate le majoe+ empa u tla li eketsa.

  • 1 Likronike 22:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Khauta, silevera, koporo le tšepe li ngata hoo li se nang palo.+ Qala mosebetsi. E se eka Jehova a ka ba le uena.”+

  • 2 Likronike 4:18-22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 18 Solomone a etsa lisebelisoa tsena tsohle li le ngata haholo. Boima ba koporo ha boa ka ba tsebahala.+

      19 Solomone a etsa lisebelisoa+ tsohle bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete e leng aletare ea khauta,+ litafole+ tse behang bohobe ba pontšo,+ 20 liluloana tsa mabone le mabone a tsona a khauta e hloekileng+ e le hore a khantše ka pel’a kamore e ka hare-hare joalokaha ho ne ho laetsoe 21 le lithunthung, mabone le litong tsa khauta e hloekileng ka ho fetisisa, 22 lintho tse timang mollo, lijana, likopi le lipane tsa mollo tsa khauta e hloekileng, a koahela mamati a Sehalalelisiso+ le mamati a tempele ka khauta.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela