-
2 Likronike 6:28-31Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
28 Haeba ho e-ba le tlala naheng,+ lefu la seoa,+ limela li cha, ho e-ba le phori,+ litsie tse ngata kapa litsie tse senyang,+ sechaba se hlaseloa ke lira motseng+ leha e le ofe, ho e-ba le kotlo ea mofuta leha e le ofe le boloetse,+ 29 ha motho kapa Baiseraele bohle ba etsa thapelo+ kapa kopo+ ba shebile ntlong ena+ (kaha motho e mong le e mong o tseba ntho e mo utloisang bohloko),+ 30 e se eka u ka utloa u le maholimong moo u lulang teng+ ’me oa ba tšoarela.+ U hlohonolofatse e mong le e mong ho ea ka mesebetsi ea hae hobane u tseba lipelo tsa bona (ke uena feela ea tsebang pelo ea motho),+ 31 e le hore ba ka u tšaba le ho u hlompha ’me ba tsamaee litseleng tsa hao bophelo bohle ba bona ha ba ntse ba lula naheng eo u e fileng baholo-holo ba rona.
-