-
2 Likronike 10:5-7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 A re ho bona: “Khutlelang ho ’na ka mor’a matsatsi a mararo.” Ba tsamaea.+ 6 Morena Roboame a buisana le banna ba baholo ba neng ba sebeletsa ntate oa hae Solomone ha a ntse a phela a re: “Le ka nkeletsa hore ke re’ng ho sechaba see?” 7 Ba re ho eena: “Haeba u tšoara sechaba sena hantle, u etsa lintho tse se thabisang ebile u lumela kopo ea sona, se tla lula se u sebeletsa.”
-