-
2 Marena 17:21-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 O ile a tlosa Baiseraele ’musong oa Davida ’me ba etsa Jeroboame mora oa Nebate morena.+ Empa Jeroboame a etsa hore Baiseraele ba se ke ba mamela Jehova le hore ba etse sebe se seholo. 22 Baiseraele ba ’na ba etsa libe tsohle tseo Jeroboame a neng a li etsa.+ Ha ba aa ka ba li tlohela 23 ho fihlela Jehova a ba lelekile joalokaha a ne a boletse a sebelisa bahlanka bohle ba hae e leng baprofeta.+ Baiseraele ba isoa botlamuoeng naheng ea Asiria+ ’me ba ntse ba le moo ho fihlela letsatsing lena.
-