Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 13:1-5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Haeba ho hlaha moprofeta har’a lona kapa motho ea bolelang liketsahalo esale pele ka litoro ’me a le fa pontšo kapa limakatso 2 ’me pontšo kapa limakatso tseo a le boleletseng tsona li phethahala ’me a re, ‘A re lateleng melimo e meng,’ melimo eo le sa kang la e tseba ‘ ’me re e sebeletse,’ 3 le se ke la mamela mantsoe a moprofeta eo kapa a molori eo+ hobane Jehova Molimo oa lona oa le leka+ e le hore a tsebe hore na le rata Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle.+ 4 Le latele Jehova Molimo oa lona, le mo tšabe, le boloke litaelo tsa hae, le mamele lentsoe la hae, ke eena eo le lokelang ho mo sebeletsa ’me le mo khomarele.+ 5 Empa moprofeta eo kapa molori eo a bolaoe+ hobane o le khothalelitse hore le fetohele Jehova Molimo oa lona ea le ntšitseng naheng ea Egepeta ’me a le lopolla ntlong ea bokhoba, ho le khelosa tseleng eo Jehova Molimo oa lona a le laetseng hore le tsamaee ho eona. Le tlose se sebe har’a lona.+

  • Deuteronoma 18:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Haeba moprofeta leha e le ofe a sa ntlhomphe ka hore a bue mantsoe ao ke sa mo laelang ’ona ka lebitso la ka kapa a bua ka lebitso la melimo e meng, moprofeta eo o lokela ho shoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela